
Mokwetlisi wa Pirates o leboha tshwaro e mofuthu ya Botswana
Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o lebohile tshwaro e mofuthu eo ba e fumaneng naheng ya Botswana.
Pirates, e ne e le etetse Botswana moo ba bapetseng papadi ya leoto la pele la 2nd Preliminary kgahlano le African Stars ya Namibia.
The Buccaneers, ba hapile papadi eo ka 1 – 0 ho ipeha monyetleng wa ho fetela mokgahlelong o latelang wa group stages.
Ouaddou, o hlalositse ha tshwaro ya Botswana, e fapane hole le ya naheng e nngwe ba kileng ba ya ho yona.
“Ho bua nnete re amohetswe hantle, hotele e hantle, dijo tse hantle le mohlwa o hantle. Botswana e re file kamohelo e mofuthu,” ho realo Ouaddou.
“Re fitile maemong a mabe ka nako e fitileng empa hake batle ho bitsa lebitso la naha.”
Pirates, e haufi haholo le ho kena dipapading tsa group stages. Mosebetsi wa bona e tlaba ho tshireletsa ntlha ya bona kapa ho hlaba tse ding ho etsa se ba hlotseng sehleng se fitileng sa dipapadi.
Sehlopha setla amohela African Stars leotong la bobedi mafelo a tlang a beke lebaleng la Orlando Amstel.
BALA: Mofokeng le Mbokazi ba hlaha ka hodima Yamal, Ronaldo le Messi
