Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Da Cruz o re o tseba seo batshehetsi ba sehlopha ba fetang ho sona

Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Fernando Da Cruz, o hlalositse ha ba utlwisisa maikutlo a batshehetsi ba sehlopha.

Sena ka mora hore sehlopha se lahlehelwa ke papadi ya bona ya pele ya CAF Confederation Cup ka 1 – 0 kgahlano le Red Arrows.

Chiefs e ne e etetse Zambia moo ba kgutlileng ba patile mohwasa ka mora ho hlolwa papading ya bobedi sehleng sena.

Da Cruz, o hlalositse ha a tseba hore batshehetsi haba thaba hobane sehlopha se ntse sesa hape dipapadi.

“Re ya tseba hore haba thaba hore ho PSL ntse resale hape dipapadi empa re ntse resa lahlehelwe ka ho tshwana,” ho realo Da Cruz.

“Kajeno [moqebelo] re lahlehetswe empa leoto la bobedi le teng mme re hloka tshehetso ya bona ho hapa papadi.”

Da Cruz o hlalositse ha batshehetsi, dibapadi le botsamaisi ba lokela ho tshehetsana hore sehlopha se kgone ho sebetsa hantle.

Chiefs e tla amohela Red Arrows mafelong a beke e tla mme sehlopha setla tlameha maoto le matsoho ho tshireletsa le ho hapa ho fetela mokgahlelong wa group stages.

BALA: Pirates le Durban City di kenya leoto ha Sundowns le Chiefs di kena tlasa kgatello