Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o kopa mamello, kutlwisiso le tshehetso ho balatedi ba sehlopha

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o kopile mamello, kutlisiso le tshehetso ho batshehetsi ba sehlopha.

Cardoso o buile sena moo a neng a hlalosa ha bokwetlisi botla qala ho fetola sehlopha kgafetsa ho latela dipapadi tse leshongwa ka nako e kgutshwane.

Nka rata ha batshehetsi ba sehlopha ba ka utlwisisa le ho tshehetsa diqeto tsa bokwetlisi ba sehlopha mona le mane,” ho realo Cardoso.

BALA: Sundowns e fumana Gallants hape ho Carling Knockout

“E tlo hlaka hore re leka ho laola sehlopha le ho leka ho bona hore bohle ba maemong a hantle ka dinako tsohle.”

Sundowns e ka hodimo tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership, e satswa hapa MTN8 mme e tla bapala dipapadi tsa kontinente mafelo a beke.

Sehlopha setla tobana le Marumo Gallants mohopeng wa Carling Knockout le ha e le hona PSL e tla tsibisa dinako le matsatsi a dipapadi.

BALA: Mosoetsa o re tshepo e teng bakeng sa Mashiane sehlopheng