
Barker le De Reuck ba tsoha molota Tanzania
Mokwetlisi wa mehleng wa Stellenbosch eo ha jwale a kwetlisang naheng ya Tanzania Steve Barker, o bonaha a ntse a iphumana ka mora ho qala nako ya hae ka monyebe sehlopha sa Simba SC.
Barker o lebile Tanzania ka motsamao o makaditseng ba bangata mme a qala bophelo ka ho tswa dipapading tsa kontinente.
Ka mora ho tswa dipapading tsa kontinente, maikutlo le tsohle tsa Barker ditsepame tsa selehae jwalo ka ha sehlopha sele morao ka dipapadi.
Dipapading tse tharo tsa ho qetela, Simba e dihlotse ka boraro mme ba dihapile ntle le ho hlajwa ntlha ha bona ba hlabile dintlha tse hlano dipapading tseo.
Dipapading tse 6 tsa ho qetela, sehlopha se hapile tse 4 le ho bapala maleka dipapading tse pedi.
Sebapadi seo Barker a fihlileng a se etsa molaudi wa lebotho (captain) Rushine De Reuck, le yena o bonahala a ntse a iphumana jwalo ka ha a kgona ho hlabela sehlopha dintlha le ha e le sebapadi sa morao.
De Reuck, o se a hlabile dintlha tsa tharo sehleng sena mme ntlha ya hae ya ho qetela, ke ha bane ba hlola Tanzania Prisons ka 2 – 0.
Ha jwale Simba e dutse boemong ba 4 ka mora dipapadi tse 9. Sehlopha se bokeleditse dintlha tse 22, ba hapile dipapadi tse 7, ba hlolwa le ho lahlehelwa papading e le nngwe ka ho fapana.
BALA HAPE: Khalil: O tla fumana karabo ya hao hosane
