Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Pirates e tsibisa ho tsamaya le ho fihla ha dibapadi sehlopheng

Sehlopha se hapileng sehla 2025/26 sa Orlando Pirates, se tsibisitse ka karohano ya bona le dibadi tse hlano le ho fihla ha tse nne sehlopheng.

Pirates, e arohane le:

Tshegofatso Mabasa (29)
Sipho Mbule (28)
Bandile Shandu (31)
Karim Kimvuidi (24)
Gilberto (25)

Mbule le Shandu e bile karolo ya sehlopha sehleng se fitileng sa dipapadi ha Mabasa, Kimvuidi le Gilberto e bile dibapadi tseo sehlopha se kadimaneng ka tsona.

Pirates e lebohile dibapadi tsena ka tshebetso le nyehelo ya bona sehlopheng mme ya boela yaba lakaletsa katleho moo batla leba teng.

BALA: America e thibela moletsaphala wa Afrika ho leba mohopeng wa lefatshe

Ka lehlakoreng le leng sehlopha se tsibisitse ho fihla ha dibapadi tse ding tse nne sehlopheng.

Mthetheleli Mthiyane – Stellenbosch FC
Sbangani Zulu – Richards Bay
Bohale Ngwato – Siwelele FC
Ghampani Lungu  – Siwelele FC

Dibapadi tsena dibile le sehla se monate dihlopheng tsa bona ka ho fapana e leng lebaka le susumeditseng qeto ya Pirates ya ho ba tekena.

Pirates e tla kena sehleng setlang e le batshireletsi ba sekola mme batla leka ho lwana ka thata dipapading tsa CAF Champions League ka mora hotswa mokgahlelong o qalang sehleng se fitileng.

BALA: Kaze o fumana mosebetsi o mong ka hara Afrika Boroa