
Cardoso o re ba ke ke ba llela lebese le qhalaneng
Ka mora ho bapala maleka a 1 – 1 le Stellenbosch bosiu ba laboraro, Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso o hlalositse ha ba ke ke ba llela lebese le qhalaneng.
Sundowns e ne e qala ho bapala maleka karolong ena ya bobedi ya sehla kapa selemong sena mme papadi eo e ba thibetse ho nka boemo ba pele tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership.
Ha a bua ka mora papadi, Cardoso o hlalositse ha a ke ke a tletleba ka dintlha tseo sehlopha sa hae se hlotswe ke ho dihlaba le ha menyetla e bile teng empa ba kgetha ho etsa diphoso.
Papadi e ne e le tlasa taolo ya rona le menyetla ya ho hlaba ntlha ya bobedi e bile teng empa ra hlolwa ke ho e sebedisa mme qetellong ba direng ba fumana thaho ya mokoko metsotsong ya ho qetela,” ho realo Cardoso.
“Re ke ke ra tletleba hobane karolong ya bobedi menyetla e bile mengata empa haosa sebedise menyetla ya hao, o qetella o pepesitswe bofokodi le ho etsa diphoso.”
Mokwetlisi enwa wa kgwedi ya Hlakola le Hlakubele, o dutse ha sehlopha sa hae se nkile taolo ya papadi empa ba hlotswe ke ho etsa menyetla e kotsi ho ka hlaba ntlha ya bobedi ho qeta papadi.
“Re bile bohlaswa, ra fana ka thaho ya mokoko mme re ke ke ra tletleba ka hore hara hapa papadi.”
Sundowns, e dutse boemong ba bobedi ka dintlha tse 57 ka mora dipapadi tse 24. sehlopha se morao ka ntlha papisong le Orlando Pirates e boemong ba pele mme bona ba morao le ka papadi.
BALA HAPE: Stellies se hana ka molala le ho kgutlisetsa tshepo ho Pirates
