Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Infantino o tsitlalla hore Iran e tla bapala mohopeng wa lefatshe America

Mopresidente wa mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA Gianni Infantino, o tshepisitse ha Iran e tla nka karolo dipapading tsa mohope wa lefatshe naheng ya America, Mexico le Canada ka kopanelo.

Infantino o buile sena moketeng o neng o kopantseng ditho tsa dinaha tsetla bapala mohope wa lefatshe mme Iran e ne e sena kemedi moo.

Iran e phunyeleditse ho bapala mohopeng wa lefatshe empa ka lebaka la ntwa e dipakeng tsa yona le America, ho bonahala e ke ke ya leba mohopeng moo e neng e lokela ho tobana le America.

Infantino, o tshepisitse ha Iran e tla finyella le ho bapala papadi ya bona le America jwalo ka ha ho hlophisitswe.

BALA HAPE: Barker o hlola Yanga ho phahamisa mohope wa pele le Simba SC

Ke nnete Iran e tla bapala mohopeng o tlsng wa lefatshe wa 2026 mme batla bapala papadi ya bona e kgahlano le naha ya USA,” ho realo Infantino.

“Lebaka la seo le bobebe mme ke hore fela re kopaneng, re kopanye batho ha mmoho mme ke boikarabelo ba ka, ke boikarabelo ba rona ho sebedisa bolo ho kopanya lefatshe.”

Hona mosebetseng oo ke moo Infantino a lekileng ho kopanya kemedi ya Palestine le Israel hore ba tshwarane ka matsoho mme mopresidente wa bolo Palestine, a latola ho tswara kemedi ya Israel ka letsoho pontsheng.

Mohope wa lefatshe, o setse ka nako ya kgwedi le dibeke pele o thakgoha mme tebello ke ho bona hore ke eng e tla etsahala moo.

Infantino o phethetse ka ho tsibisa ha a tla iketela setulo sa ho etella FIFA pele hape dikgethong tse tlang jwalo ka ha nako ya hae e fihla pheletsong.

BALA HAPE: Sebapadi sa Sundowns se latola ditlaleho tsa kgatello