
Mokwena o hlahisa ntlha-kemo ya hae ka Shalulile, Mabasa le Lorch
Mokwetlisi wa Pyramids FC ya Egypt Rulani Mokwena, o ntshitse maikutlo a hae ka dibapadi tse tharo tse amahangwa le sehlopha sa hae.
Mokwetlisi o hanne ho tshwaela ka Thembinkosi Lorch ka le reng ke sebapadi sa sehlopha se seng mme a ke ke a bua ka yena.
“Lorch ke sebapadi sa Al-Ittihad, ka hoo nke ke ka bua ka dibapadi tsa dihlopha tse ding,” ho realo Mokwena puisanong le Robert Marawa.
“Peter [Shalulile] o teng wa fumaneha [free agent] mme ke motho eo o ka nahanang ka yena.”
Mokwena o boetse a bontsha ha a ananela Tshegofatso Mabasa empa a se tswele pele ka ho hlalosa e bang a ka kena dipuisanong le yena kapa tjhe.
“Ke motho eo e leng kgale ke ananela Tshegofatso Mabasa ka nako ya ka ya ho kwetlisa ho PSL.”
Ho tekenwa ha Mabasa, Shalulile kapa Lorch ke Pyramids, ho matsohong a sekgeo sa dibapadi tse tswang kantle sehlopheng.
Ha jwale dikgeo tsa dibapadi tse tswang kantle ho Pyramids, ditletse mme hotla hlokahala hore Mokwena a rekese tse ding tsa dibapadi ho bula dikgeo.
BALA: Jordaan o lekanya ha mokgatlo ona le mokwetlisi le ha a hana ka lebitso
