Ditaba tsa moraoraoKrikete

Muthusamy le Rabada ba lwana ya kgumamela

Dibapadi tsa Di’Proteas tse akgelang, dilwana ntwa ya kgumamela ho kgutlisetsa naha ya bona papading letsatsing la boraro.

Di’Proteas, diqetile makeno a tsona a pele di dutse memathong e 404 dibapadi ditswile kaofela.

Tristan Stubbs (76) le Tony de Zorzi (55) ba lekile ho etsa moralo pele ba ketolwa le ho tlisa tsitsipano sehlopha.

Dibapadi tse akgelang Senuran Muthusamy (89*) le Kagiso Rabada (71), ba lwanne ya kgumamela ho etsa bonnete ba hore Afrika Boroa e itlhoma pele ka mematho e 71 pele Pakistan e kena makenong a bobedi.

Makenong a bobedi a Pakistan e qadile e le tlasa kgatelong ka mora hore Simon Harmer a ketole dibapadi tse tharo mme Rabada a ketole sebapadi se leng seng.

Afrika Boroa, e qetile letsatsi boraro e le monyetleng o motle e bile e kentse Pakistan tlasa kgatello 94/4.

Papadi e tla qala letsatsi la bone Pakistan e dutse memathong e 23 ho setse dibapadi tse tsheletseng mme Afrika Boroa e tla leka ho diketola le hapa papadi ho lekanya dintlha.

BALA HAPE: Maharaj o thusa Afrika Boroa letsatsing la bobedi