Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o thabela ho kgutla ha dibapadi tsa bohlokwa

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o bontshitse a imolohile ke ho kgutla ha dibapadi tse ding tsa bohlokwa sehlopheng.

Thapelo Morena le Arthur Sales, ba kgutlile ka mora ho okeng dikotsi mme ke karolo ya sehlopha se lebileng le Sundowns naheng ya Tunisia bakeng sa papadi ya CAF Champions League.

Cardoso, o hlalositse ha sena e le ntho ya bohlokwa ho latela sekgahla sa dipapadi tsa bona.

“Sena se bohlokwa haholo hao bapala dipapadi tse ngata ka nako e kgutshwane. Hao shebe sehlopha sa rona, o kgona ho bona hore ke dibapadi tsa bohlokwa tseo sehlopha se neng se dihloka,” ho realo Cardoso.

Le ha hole jwalo, Sundowns e ntse ena le dibapadi tsa bohlokwa tse setseng lapeng ka lebaka la dikotsi.

Peter Shalulile
Monnapule Saleng
Nuno Santos
Miguel Reisinho

Dibapadi tsena ntle le Shalulile, ba fumane dikotsi dibekeng tse fitileng moo ba neng ntse ba bapala.

Cardoso o hlalositse ha ho kgutla hona hotla thusa sehlopha tlhaselong le menahanong.

Sundowns e tla kena papading e matla ka sontaha kgahlano le Esperance de Tunis e so lahlehelwe lapeng dibapading tsa kontinente.

Papadi ena e tla bapala kala 12 Mmesa mme e tla thakgoha ka 21:00 ka nako ya Afrika Boroa.