
Menyetla ya Pirates ya ho nyolla mohope e qala ho qepha
Sehlopha se qadileng sehla ka tjantjello le maikemisetso a ho hapa sehla sa Orlando Pirates, se bonahala ntse se fellwa ke mokoka o hlokahalang.
Pirates, e bapetse maleka a 2 – 2 le Richards Bay papading e neng e tuka malakabe lebaleng la Umhlathuze ka labohlano bosiu.
Pirates, e kene papading ena ka moya o phahameng wa ho hlaba dintlha tse 10 dipapading tse pedi.
Le ha hole jwalo, Richards Bay haya itheke morwalo le ho tshoswa ke maikemisetso a Pirates a ho feta mohwalotso.
‘Natal Rich Boys’ ba nkile ketapele ya bapadi ka Thulane Gumede motsotsong wa leshome papadi e qadile.
Papadi e lebile kgefutsong Richards Bay e matha pele empa Pirates ya kgutla ka sekgahla le ho hlaba ntlha ya ho lekanya ka Oswin Appollis.
Masole a Papi Zothwane ya puileng phatlalatsa hore Pirates e tla kopana le pela difalla, a arabetse ka ntlha ya Lidokuhle Zikhali ho nka ketapele lekgetlo la bobedi (2 – 1).
Pirates, e fumane ntlha motsotsong wa ho qetela wa papadi ka Lebone Seema, a thusa sehlopha ho qoba tahlehelo le ho fumana bonyane ntlha papading eo (2 – 2).
Sehlopha setla tswa se dutse boemong ba bobedi ka dintlha tse 55 ka mora dipapadi tse 24.
Pirates e tla nkana le sehlopha se seng hape sa KwaZulu-Natal papading ya bona e latelang kala 18 Mmesa.
BALA HAPE: Mofokeng le Pirates ba qala moo ba qetetseng ka dintlha
