Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi Nabi o fana ka tsa moraorao sehlopheng

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se bile le seboka sa baqolutsi ba ditaba ho fana ka tsa moraorao sehlopheng letsatsi pele ho papadi kgahlano le Sekhukhune United.

Mokwetlisi wa Chiefs, Nasreddine Nabi o amme taba ya ho fokotswa ha sehlopha le ho adimana ka tseding tsa dibapadi tse nyenyane sehlopheng.

Ka mora ho tekena dibapadi tse fetang leshome, Chiefs e na le dibapadi tse fetang 40 mme ba lohota ho fokotsa palo ka ho tsamaisa le ho adimana ka tse ding tsa dibapadi.

“Ka sehlopha sa dibapadi tse 40, botsamaisi bo sebeletsa ho fokotsa tse ding tsa dibapadi. Le tseding tsa dibapadi tse nyane ditla fumana monyetla dihlopheng tse ding,” ho realo Nabi.

Nabi o buile le ka mohlabadintlha ya satswa tekenwa ke sehlopha Khanyisa Mayo hore o tla tswa a sa emetse ditokomane pele a bapala.

“Ditokomane tsa Mayo hadiso loke mme a ke ke a bapala papading ya Sekhukhune empa yena o malala-a-laotswe.”

Mayo o tla tswa a sa emetse ditokomane (ITC) tsa ho bapala ho Chiefs ka mora ho fihla a tswa ho Belouizdad ya Algeria.

Nabi o hlalositse ha bohole ba dibapadi dile teng bakeng sa ho kgethelwa papadi le ha fela Given Msimango le Rushwin Dortley e se karolo ya sehlopha ka lebaka la dikotsi.

Chiefs e tla amohela Sekhukhune ka hosane ka labobedi lebaleng la FNB. Papadi ena e tla thakgoha ka 19:30 thapama.

BALA HAPE: Chiefs e tekena Maboe ho matlafatsa sehlopha