
Mathata a Stellenbosch a hlwa matsatsa letsatsi le letsatsi
Sehlopha sa Stellenbosch FC, se bonahala se sokola morethetho wa ho hapa dipapadi jwalo ka tlwaelo ha sehla se qala.
Stellies, se hlotswe ke Siwelele FC ka ntlha tse pedi ho noto [2 – 0] papading e bapetseng bosiu ba laboraro lebaleng la Athlone.
Sehlopha sena sa mokwetlisi Steve Barker, se se lahlehetswe ke dipapadi tse supileng kaofela ho Betway Premiership sehleng sena, e leng palo e hodimo papisong le ya sehla se fitileng ka mora dipapadi tse 30.
Stellenbosch, se qetile sehla sa 2024/25 se dutse boemong ba boraro mme ba kgona le ho phunyeletsa ho bapala dipapadi tsa CAF Confederation sehleng sena.
Le ha se fihlile ho makgaolakgang a MTN8 sehleng sena, Stellenbosch se satswa hlolwa ke Marumo Gallants papading tse tlang pele ho makgaolakgang mohopeng wa Carling Knockout.
Ha jwale sehlopha sena sa Stellenbosch, se dipapading mekgahlelo [group stages] mme ba pannwe le se seng sa dihlopha tse matla sa CR Belouizdad.
Ho Betway teng, sehlopha se dutse boemong ba 15 ka mora dipapadi tse 12. Ba kgonne ho hlola dipapadi tse 2, ba bapala maleka dipapading tse 3, mme ba hlolwa dipapading tse 7.
Ka selataneng ba kgonne fela ho bokeletsa dintlha tse 9. Papadi e latelang ya Stellies, e lokela hoba kgahlano le Orbit College kala 22 Pudungwane ha ya CAF e le ka la 23.
Ha jwale sehlopha ha se so phatlalatse e bang papadi eo e tla bapala pele ho nako kapa e tla tjhetjhisetswa morao ka lebaka la papa ya CAF kgahlano le Otoho d’Oyo kala 23 Pudungwane.
Bala tse ding ka Stellenbosch:
