Bolo ya maoto

Chiefs e fana ka lenane la dikotsi

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se ntshitse lenane la dibapadi tse ke keng tsa ba teng papading ya bona e matla ya laboraro kgahlano le Mamelodi Sundowns.

Motlatsa mokwetlisi Cedric Kaze o tsibisitse ha Aden McCarthy a tswile kotsi papadi ya bona e fitileng mme a ke ke a ba teng.

“Ntlheng ya Aden, ha a so ikwetlisi ho tloha letsatsing leo. Ba bongaka ba sebetsa ka matla hore a kgutlele ka lebaleng, empa retla ema ho bona se nkang sebaka,” ho realo Kaze.

Ditlabotsha, Etiosa Ighodaro le Nkanyiso Shinga le bona ba ke ke ba e ba teng ka lebaka la mangolo a so loke a ho bapala mme tlaleho engwe ke hore Ighodaro a tswile kotsi boikwetlisong.

Dibapadi tse tswang ho Cape Town Spurs e leng Luke Baartman le Asanele Velebayi, bona ba tla tswa ba sa dutse e le ho emela qeto ya ho qetela nyeweng ya bona ka ha Spurs e hlahletse boipiletso.

Kaze o nnetefaditse ha Given Msimango le Rushwin Dortley batla nka sebaka sa kgwedi ho tloha ha jwale pele ba ka bonwa ka lebaleng.

Tebello ke hore mokwetlisi wa sehlopha, Nasreddine Nabi o tlabe a le teng bankeng ya sehlopha ka mora ho fetwa ke dipapadi tse qalang sehla tsa sehlopha.

Amakhosi e so lahlehelwe sehleng sena, e tla amohela Sundowns papadi ya bone ya Betway Premiership lebaleng la FNB ka laboraro. Papadi ena etla thakgoha ka 19:00 thapama.

BALA HAPE: khalil-ben-youssef-o-babatsa-dibapadi