
Tinkler le Zwane ba laretse ho hlola mohope wa Nedbank
Bakwetlisi ba babedi ba ntseng ba setse mohopeng wa Nedbank, ba hlalositse ha bana le maikemisetso a ho phahamisa mohope oo.
Eric Tinkler ya kwetlisang Sekhukhune United le Arthur Zwane wa AmaZulu, ba hlalositse ha mahlo a bona le mehopo ya bona e le ho phahamiseng mohope ona o fanang ka monyetla wa ho bapala dipapadi tsa tsa kontinente.
Tinkler o hlalositse ha ho hlola Nedbank, ho ka thabisa modulasetulo jwalo ka ha e le phehelo ya sehlopha.
“Ruri kea tseba hore modulasetulo wa ka o tla thaba haholo hobane seo ke sepheo seo re ipehetseng sona selemong sena, re batla ho qeta maemong a mararo a hodimo,” ho realo Tinkler.
Ka lehlakoreng le leng mokwetlisi wa AmaZulu, o hlalositse ha hotswa ha dihlopha tse kgolo tse tharo, e le monyetla o motle wa ho hapa Nedbank.
“Nalane ya mohope ona ke yona e etsang hore o bitswe ‘Mohope wa Ditoro’, hobane mang kapa mang a ka o hapa. Ha se taba ya hore o bapala le mang,” ho realo Zwane.
“Re kile ra bua hore re batla ho qothisana lehlokwa mme re batla ho hapa mehope, mme qetellong ena ke monyetla wa rona. Re tla tlameha ho fana ka sohle seo re nang le sona.”
Sekhukhune setla thulana le Milford e bapalang ho Motsepe Foundation Championship, ha AmaZulu e tla thulana le Casric Stars e hlotseng Orlando Pirates mme le yona e bapala ho Motsepe Foundation Championship.
Dipapadi tse ding ke moo TS Galaxy e tla thulana le Jacksa Spears ha Golden Arrows e nkana le Durban City.
Sehlopha se hapang mohope ona, setla fumana monyetla wa ho bapala ho CAF Confederation Cup sehleng setlang.
