
Hugo Broos o ntshitse maikutlo ka taba ya Mokoena
Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos, o ntsitshe maikutlo lekgetlo la pele tabeng ya kgonahalo ya ho nkelwa ditlha ka lebaka la ho sebedisa sebapadi senang le dikarete tse ngata.
Broos o hlalositse ha bane ba sa ela hloko palo ya ka dikarete tse tshehla tseo Teboho Mokoena a ne a na le tsona pele ho papadi.
Afrika Boroa, e ile ya sebedisa Mokoena papading kgahlano le Lesotho mme o ne a na le dikarete tse tshehla tse sa modumelleng ho bapala.
Broos o hlalositse ha hone ho sena tletlebo empa batla amohela qeteto ya ho nkelwa dintlha ebang bale molato.
“Ebang qeto e fihla hore re nkelwe dintlha retla e amohela, empa ha o sheba melawana ya papadi, hone hosena tletlebo e hlahletsweng,” ho realo Broos.
Broos o tswetse pele ho hlalosa ha Lesotho le lona le sa tseba ka taba ya dikarete empa e le Nigeria e kwekwetlileng taba ena.
“Ke lokela ho bua nnete, re ne resa elelwa hore Mokoena ha lokela ho bapala, le Lesotho le ne le sa tsebe. Keng seo Nigeria e se etsang? Ho ne hose tletlebo.”
Broos o phethetse ka hore ebang ba lahlehelwa ke dintlha tseo, batla lokela ho lwana ya kgumamela ka lebale dipapading tseo batla dibapala tse setseng.
Broos o phatlaladitse mabitso a dibapadi tse tla nkana le Lesotho le Nigeria kgwedi etlang. Bobedi dipapadi tseo, ditla bapalla lebaleng la Toyota, Bloemfontein.
Papading ya pele Lesotho letla amohela Afrika Boroa ka la 5 Lwetse mme papadi eo etla thakgoha ka hora ya botshelela (18:00).
Papading ya bobedi Afrika Boroa e tla amohela Nigeria hona lebaleng la Toyota ka la 9 Lwetse. Papadi eo e tla thakgoha ka 18:00 thapama.
BALA HAPE: mokwetlisi-broos-o-ntsha-mabitso-a-dibapadi-tse-23
