
Chiefs e lebile Spain ntle le dibapadi tse kae?
Sehlopha se tswileng ka hara naha sa Kaizer Chiefs, se tsamaile ntle le dibapadi tse mmalwa tseo ditaba dileng ngata ho tsona.
Chiefs, e tsamaile ntle le Thabo Cele, Fiacre Ntwari le Glody Lilepo bao ho bonahalang bokamoso ba bona bosa tsitsang sehlopheng.
Ho sala ha dibapadi tsena ho tlisa dipotso tse ngata ka bokamoso ba tsona le hore e tlaba karolo ya sehlopha jwang sehlopha se kgethile ho ba siya morao.
Taba ya Cele e ntse e sa hlaka empa ho utlwahale ha sebapadi le sehlopha ba ikemiseditse ho arohana.
Lehlokwana la tseba le kuma ha Ntwari a tla adingwa sehlopha se bapalang ho Motsepe Foundation Championship sa Upington.
Chiefs e tekenne sethibathibane Renaldo Leaner e leng se bontshang ha sehlopha se ikemiseditse tse ding ka Ntwari.
Bokamoso ba Lilepo eo le yena a setse, haba hlaka jwalo ka ha sehlopha se ikemiseditseng ho mamela dihlopha tse batlang ho reka le ha maikemisetso a bona e se ho rekisa sebapadi sena.
BALA: SAFA e latola mantswe a Broos a ho tlohela Bafana Bafana
