
SAFA e latola mantswe a Broos a ho tlohela Bafana Bafana
Mokgatlo o tsamaisang bolo wa SAFA, o tlile o matha ka mora mantswe a builwe ke mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos.
Broos ho e nngwe ya dipuisano, o tsibisitse a tla tlohela mosebetsi wa ho kwetlisa Bafana Bafana mafelo a kgwedi ya Phupu empa SAFA e latola seo.
SAFA, e hlalositse ha Broos e ntse e le mokwetlisi wa sehlopha sa naha le ha a le lapeng Belgium bakeng sa matsatsi a phomolo.
Mantswe a SAFA, a fapane hole leo ao Broos a a buileng puisanong ya hae le lesedinyana la Belgium moo a hlalositseng a tla rola marapo le ha SAFA e batla a tswelapele ka mosebetsi o mong.
Tebello ke ho bona e bang Broos o tla fela a role marapo mafelong a kgwedi ha a kgutlela Afrika Boroa kapa o tla tswelapele jwalo ka ha SAFA e hlalosa le ho lakatsa.
BALA: Yanga e hlwaya mo’Afrika Boroa jwalo ka mokwetlisi wa bona
