
Chiefs e tsibisa ho tsamaya ya McCarthy sehlopheng
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se netefaditse ha sebapadi sa bona sa morao Aden McCarthy, a arohane le sehlopha ho leba naheng ya Azerbaijan.
Pejena re ile sa tsibisa ha McCarthy a tla lebaka sehlopheng sa Sabah FK le ha sehlopha sene seso netefaditse tseo.
Sebapadi sena sa ntshetso pele ya Chiefs, o tla qala bophelo le sehlopha setla bapala UEFA Champions League ka mora ho hapa sehla se fitileng sa dibapadi.
BALA: Sundowns e fumana sebapadi seo e leng kgale ba se batla
Tsibisong ya sehlopha, motsamaisi wa dipapadi [Sporting Director] Kaizer Motaung Jr, o hlalositse ha bale motlotlo ka McCarthy a bile a dumela a tla emela Afrika Boroa ka bokgabane.
“Reka netefaditse ho dumela ho lokolla Aden kamora ho batlwa ke Sabah FK,” ho realo Motaung.
“Re motlotlo hore o lo bapala mokgahlelo wa pele wa UEFA Champions League. Re bile reya tseba hore o tla emela sehlopha [Amakhosi] ka bokgabane mose ho mawatle.”
BALA: Chiefs e kgakola TOYOTA Cup le sehlopha seo batla tobana le sona
