
Thembinkosi Lorch o itshupa bonatla naheng ya Morocco
Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns Thembinkosi ‘Nyoso’ Lorch, o ntse a tswelapele ho phahamisa letsoho la hae a le naheng ya Morocco.
Lorch o hlabile ntlha mafelong a satswa feta a beke ha sehlopha sa hae sa Wydad Casablanca sene se hlola Asante Kotoko ka ntlha tse hlano ho e le nngwe (5 – 1) leotong la bobedi la CAF Confederation Cup.
Sebapadi sena sa Afrika Boroa sa matjhabatjha, se thusitse le ho hlajweng ha ntlha hona papading eo e bapetseng ka labohlano ha sehlopha sene se fetela dipapading tsa mekgahlelo (group stages).
Letswallwa lena la Free State, le se le hlabile dintlha tse pedi dipapading tse nne le ho thusetsa ntlheng e le nngwe.
Nyoso, o fetohile thatohatsi ya batshehetse naheng ya Morocco ka makgabane le bohlale ba hae ba papadi ya bolo.
Sebapadi sena se tswa tjaro ya mabonwa tjena ka nako eo sehlopha sa naha Bafana Bafana setla leba dipapading tsa AFCON kgweding ya Tshitwe hona naheng ya Morocco, le mohopeng wa lefatshe selemo setlang.
Lorch, o se a na le nako e lelele a sa bitsetswe sehlopheng sa naha ka mora ho nka nako a sa bapala sehlopheng sa hae sa mehleng sa Sundowns.
Le ha hole jwalo Lorch, o fetohile sebapadi sa mantlha sa Wydad mme mahlo a tla sheba ho mokwetlisi Hugo Broos e bang o kenyeletsa Lorch sehlopheng sa naha.
BALA HAPE: Lorch ke sebapadi sa Wydad
