
Chiefs e tswelapele ho tshwara dipuisano letsholong la ho fumana mokwetlisi
Sehlopha se senang mokwetlisi sa Kaizer Chiefs, se tswelapele ho tshwara ditherisano le bakwetlisi ba fapaneng bakeng sa mosebetsi wa ho kwetlisa sehlopha.
Chiefs e nkile qeto ya ho arohana le moifo wa bona wa bokwetlisi ka mora ho qeta ba dutse boemong ba boraro sehleng se fitileng sa dibapadi.
Ho ya ka mehlodi e tshepahalang, Chiefs e bile le puisano le sebapadi sa mehleng sa Aston Villa le Manchester United Dwight Yorke bakeng sa mosebetsi.
BALA: Goss o tshireleditse mokwetlisi wa Bafana Bafana kgalefong ya batshehetsi
Ho ya ka sky sports, Chiefs le Yorke ba bile le puisano ho kwetlisa sehlopha le ha hose tumellano e fihleletsweng mahlakore bobedi.
Chiefs eo ho lekantsweng e fihletseng ditumellano le Fernando Da Cruz, e ntse e batla mokwetlisi le moifo o tla kwetlisa sehlopha sehleng setlang sa dibapadi.
Yorke, o kwetlisitse sehlopha sa Macarthur FC pele a kwetlisa naha/sehlekhleke sa Trinidad and Tobago.
BALA: Cape Verde e makatsa lefatshe ka ho tshabana bophatswa le Spain
