Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Tunisia e hlwaya mokwetlisi dihora ka mora ho nyaola Lamouchi

Naha e qetang ho nyaola mokwetlisi ya Tunisia, e hlwaya mohlahlami wa hae dihora ka mora karohano ya bona.

Tunisia, e nyaotse Sabri Lamouchi ka mora ho hlolwa papading ya pele ke Sweden ka 5 – 1.

Ka mora ho nyaola Lamouchi, Tunisia e tsibisitse ha e tla hlwaya mokwetlisi wa mehleng ho tshwara marapo empa ba fetotse mawa.

BALA: Tunisia e nyaola mokwetlisi ka papadi ya pele mohopeng wa lefatshe

Sehlopha se tsibisitse ha se hlwaya Hervé Renard jwalo ka mokwetlisi yatla tswelapele ka mohope wa lefatshe le ho kgutlisa seriti sa naha ka mora ho tlontlollwa.

Renard o tsebahala ka ho makatsa dihlopheng tseo a sebeditseng le tsona ho kenyeletsa ho hapa AFCON le Zambia le Cameroon.

Renard ya neng a kwetlisa Saudi Arabia ka 2022, o ile a hlola Argentina papading ya pele e leng seneng se sa lebellwa ho latela maemo a Argentina lefatsheng.

BALA: Cape Verde e makatsa lefatshe ka ho tshabana bophatswa le Spain