Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Goss o tshireleditse mokwetlisi wa Bafana Bafana kgalefong ya batshehetsi

Sethibathibane sa sehlopha sa naha Ricardo Goss, o eme le mokwetlisi wa naha Hugo Broos tlasa ditshehollo tse matla tseo a fetang ho tsona.

Afrika Boroa e hlotswe papading ya pele ke Mexico ka 2 – 0 mme papading eo ke moo Broos a qadile ka lewa le tshireletsang [defensive].

Goss, o hlalositse ha ditlhaselo ho Broos e le bomadimabe dibile dihloka nnete.

“Ke bomadimabe hore re hloka nnete rele ma’Afrika Boroa. Ha kere hara lokela ho hapa dipapadi empa ke nahana re hloka toka ho mokwetlisi,” ho realo Goss.

“Hao sheba nako ya hae sehlopheng, o fetotse tse ngata le ho tlisa ntho e neng e hlokahala nako e fitileng.”

Goss o hlalositse ha ba tseba Broos ka botebo le ho tseba ntlha kemo ya hae jwalo ka mokwetlisi wa naha.

“Re ya morata mme retlo bapala bakeng sa hae.

Afrika Boroa e tla kena leetong ho leba Atlanta bakeng sa papadi ya bobedi kgahlano le Czechia.

Sehlopha se tlamehile maoto le matsoho ho hapa papadi eo e bang bana le tabatabelo ya ho tswelapele ka mokgahlelo o latelang wa dipapadi.

Papadi ena e tla bapala ka labone la 18 Phupjane mme e tla thakgoha ka 18:00 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA: Cape Verde e makatsa lefatshe ka ho tshabana bophatswa le Spain