Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cape Verde e makatsa lefatshe ka ho tshabana bophatswa le Spain

Sehlekhleke se ntseng se tswelapele ho ingola ka ditlaka tsa mollo sa Cape Verde, se makaditse lefatshe papading ya bona le Spain.

Cape Verde, e tshabane bophatswa le naha eo e leng dithatohatsi tsa mohope wa lefatshe ya Spain ka 0 – 0.

Spain se kene papading ena e le bona dithatohatsi tsa ho e hlola ho latela boemo ba bona lefatsheng le boemo ba dibapadi tsa lefatsheng.

Le ha hole jwalo, sethibathibane sa Cape Verde Vozinha o lwanne kgakgaulane molamu wa hlooho ho thibela Spain seneng setla ka matla ho hlaba ntlha.

BALA: Germany e phetha nalane ya 2014 ka Curacao

Papadi e fedile hose nko hotswa lemina dihlopha ka bobedi e bile e ba maleka a bobedi a sehlopha sa Afrika kgahlano le sehlopha se tletseng ka dikgalala.

Cape Verde, e ntlafallang tlhodisanong e nngwe le e nngwe, e qala ho bapala mohopeng wa lefatshe nalaneng ya bona.

Sehlopha setla bapala le Saudi Arabia le Uruguay dipapading tsa bona mme kganahalo e kgolo ya hore baka fetela pele e bang baka hapa papadi e le nngwe ho tse pedi tse setseng.

BALA: Tunisia e nyaola mokwetlisi ka papadi ya pele mohopeng wa lefatshe