
Chiefs ntsha lenane la dibapadi tse tla tobana le Zamalek
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se ntshitse lenane la dibapadi tseo batla leba le tsona naheng ya Egypt ho tobana le sehlopha sa Zamalek.
Chiefs, e tla kena papading ena e hloka ho bapala maleka kapa ho hlola hore ba fetele mokgahlelong o latelang wa CAF Confederation Cup.
Papadi ena e tlaba e nngwe ya tse matla tseo Chiefs e tla dibapala sehleng sena mme lekgetlong lena ba tlabe ba tswile ka hara naha.
Lenaneng la dibapadi, sehlopha se kenyeleditse dibapadi tse jwalo ka Takalani Mazhamba, Nkanyiso Shinga, Thulani Mabaso, George Matlou le Ashley du Preez le ha boholo ba bona boso fumane nako e lekaneng ya ho bapala.
Sehlopha setla kena leetong ntle le dibapadi tse jwalo ka Inacio Miguel, Aden McCarthy, Nkosingiphile Ngcobo ka mabaka a fapaneng a jwalo ka dikotsi le dikarete.
Papadi ena e tla bapala ka sontaha thapama ka 18:00 ka nako ya Afrika Boroa. Dipapadi tsena kaofela ditla bapala ka nako e le nngwe jwalo ka ha e le dipapadi tsa ho qetela.
BALA HAPE: Magesi e phatlalatsa karohano le mokwetlisi ya mehlaleng ya City
