
Mabunda o hlalosa lebaka la dibapadi tsa matjhabatjhaba sehlopheng
Mmueli wa sehlopha sa Mamelodi Sundowns Tiyani Mabunda, o hlalositse lebaka le etsang hore sehlopha se tekene dibapadi tsa mose le America Boroa.
Puisano ya hae le Andile Ncube seyalemoyeng sa Metro, Mabunda o hlalositse ha sena e bile morero wa kgale ha sehlopha sene se batla hoba sehlopha sa matjhabatjhaba.
“Mokgwa wa ho ngoka dibapadi sehlopheng ke ntho ya ka nako eo sehlopha sene se nka qeto ya hoba sehlopha se tsejwang lefatsheng le ho utlwisisa mekgwa e fapaneng ya papadi ya bolo lefatsheng,” ho realo Mabunda.
“Seo re kekang ho se etsa ke ho tlisa tekatekano dibapading le hoba le dibapadi tse lekaneng ho bapala mehope e lefatsheng le kontinenteng.”
Sundowns ke sona fela sehlopha kontinenteng ya Afrika senang ke dibapadi tsa boemo bo hodimo hotsa dinaheng tse jwalo ka Chile, Colombia, Portugal, Brazil le Argentina.
Mabunda eo e kileng yaba sebapadi ho Sundowns, o hlalositse ha dibapadi tse tswang mafatsheng a fapaneng, ditlisa seabo le boiphihlelo bo fapaneng ka hara sehlopha e leng seo ba sehlokang.
“Dibapadi tse tswang mose le America Boroa ditlisa boleng tseleng eo re bapalang ka yona mme ke toka hore ke papadi eo re batlang ho e bapala mme re batla ho boemong bo phahameng tse tla kgona ho bapala maemong a fapaneng lefatsheng.”
BALA HAPE: Sundowns e behella setho sa sehlopha ka thoko mosebetsing
