Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Benadie: Tlwaelo ya ho rekisa dibapadi e sebetsa kgahlano le rona

Sehlopha se Stellenbosch se dumetse ha tlwaelo ya bona ya ho rekisa dibapadi kgafetsa kgafetsa, e qala ho sebetsa kgahlano le bona sehleng sena.

Stellies, ke se seng sa dihlopha tse tummeng ka ho sibulla dibapadi tse ntle ebe ka mora moo se direkisetsa dihlopha tse dihlopha tse ding.

The Maroons e ntsitse dibapadi tse jwalo ka Olwethu Makhanya ya America, Jayden Adams, Iqraam Rayners, Fawaaz Basadien ba ho Mamelodi Sundowns, Sihle Nduli, Deano van Rooyen ba ho Orlando Pirates le ba bang ba bangata ba dihlopheng tse ding.

Puisanong le Sinethemba Sithole wa IDiski Times, CEO ya sehlopha Rob Benadie, o dumetse hore qalong meralo ya bona ya ho hlahlamisa dibapadi tse tsamayang ka tsa ntshetso e ne e sebetsa empa morao tjena e bonahala e ba le mathata.

“Ke nahana ke phepetso ho lahlehelwa ke dibapadi tsa mantlha dihlopheng kaofela e seng ho rona fela empa re ikotla sefuba ka ho ntshetsa pele dibapadi le ho etsa dibe matla ho feta,” o realo Benadie.

“Re lahlehelwa ke dibapadi tsa bohlokwa ka tumelo ya ho sibulla tse ding empa sehleng sena ntshetso pele ya rona ha e sebetse ka tsela eo re lebeletseng ka yona.”

Stellenbosch se dutseng boemong ba 9 ka mora dipapadi tse 22 se dutse moo se sa tlwaelang teng ka nako ena ya sehla jwalo ka ha e le sehlopha se tsekang maemo a no bapala dipapadi tsa kontinenteng.

Benadie o hlalositse ha phepetso e nngwe e ba ho dibapadi tsa matjhabatjhaba tse fihlang sehlophen le ho sokola ho tlwaela makgulo.

BALA HAPE: Baloyi o lepa mokwetlisi a ka inulang Chiefs le ho hapa mehope