Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Rayners o hlalosa seo base lebeletseng papading ya bona le Chippa

Mohlabadintlha ya sa batleng ho bona letanta wa Mamelodi Sundowns, o hlalositse ha papadi ya bona kgahlano le Chippa United e tlaba e nngwe ya tse matla.

Iqraam Rayners ya hlabang dintlha lenyelenyele, o hlalositse ha e dula e le phepetso e kgolo ho bapala le dihlopha tse mohatleng ka nako ena ya selemo.

“E tloba e nngwe ya tse matla hobane hase ntho e bobebe ho bapala le dihlopha tse mohatleng ka nake ena ya selemo,” ho realo Rayners a buisana le Sowetan.

“Phepetso e kgolo ka bona ke hore ba lwanela ho dula ho Betway Premiership le ho lwanela malapa a bona.”

BALA HAPE: Christiansen: Afrika Boroa e tlaba le mohope o monate le hoba thata wa lefatshe

Rayners ke se seng sa dibapadi tse hlabang dintlha hoya le ho kgutla, nyele le bosiu mme o se a hlabile dintlha tse 10 le ho thusetsa ho tse 3 dipapading tse 17 sehleng sena.

Rayners, o hlalositse ha hole bohlokwa ho tsepamisa maikutlo le ho boloka morethetho o ntse o le hodimo bakeng sa ho fumana seo base hlokang.

“E ke ke yaba papadi e bonolo empa retla boloka morethetho le ho hapa dipapadi. Re e nka ka papadi e le nngwe ka nako e leng se bohlokwa.”

Sundowns e morao ka papadi papisong le Orlando Pirates e ba siyang ka ntlha.

Papading ena e stameditswe ho bapala ka labohlano la 03 Mmesa e le hofa Sundowns monyetla wa ho tsepamisa maikutlo dipapading tsa kontinente dibekeng tse tlang.

Sundowns e tla amohela Chippa lebaleng ls Loftus Versfeld hosane [friday] mme papadi e tla thakgoha ka 19:30.

BALA HAPE: Benadie: Tlwaelo ya ho rekisa dibapadi e sebetsa kgahlano le rona