
Christiansen ka Mofokeng: ke bokamoso bo botle ba Afrika Boroa
Le ha sehlopha sa hae se hlotse Afrika Boroa ka 2 – 1 bosiung ba labobedi, mokwetlisi wa Panama o buile a sa ome ka tseng tsa dibapadi tsa Afrika Boroa.
Sebokeng sa baqolotsi ba ditaba ka mora papadi, Thomas Christiansen o hlalositse ha Relebohile Mofokeng e le sebapadi senang le bokamoso bo tjhabileng.
“Ka lehlakoreng la Afrika Boroa, [Relebohile] Mofokeng ke sebapadi se setle. A ka tlisa phetoho e kgolo,” ho realo Christiansen.
Mofokeng o qadile le papadi ka mora ho kena a tswa bakeng papading ya pele mme ke se seng sa dibapadi tse ntseng disebetsa hantle le ho hlaba dintlha ho Betway Premiership.
BALA HAPE: Chiefs e phatlalatsa sehlopha sa basadi, mokwetlisi le mabala
Christiansen, o hlalositse Mofokeng jwalo ka sebapadi se senang le kelello ya papadi le ho tseba ho nka diqeto tse nepahetseng ka lebaleng.
“O lebelo, o masene [technically skilled] mme o matla. O kgona ho lekola papadi ka mahlakore otle.
“Ke sebapadi se senyane dilemo empa se tseba ho fana ka dibolo tse ntse. Ke sebapadi sa bohlokwa bokamosong ba Afrika Boroa.”
Panama e ne e qala ho hlola Afrika Boroa nalaneng ya dinaha tse pedi tsena mme e ne e le papadi ya pele eo Afrika Boroa e hlolwang e le lapeng tlasa bokwetlisi ba Hugo Broos.
BALA HAPE: Bafana Bafana ba hlolwa lekgetlo la pele tlasa Broos
