
Broos o tsibisa a tla rola marapo a bokwetlisi ba Bafana Bafana
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o tsibisitse a tla rola marapo a bokwetlisi ba naha mafelong a kgwedi ya Phupu.
Broos, o netefaditse ha a ke ke a tswelapele ka ho kwetlisa sehlopha le ha mokgatlo wa SAFA o batla ho mofa mosebetsi o mong.
“Ketlo tswelapele ho kwetlisa? Tjhe. E bang ba nhlokela mosebetsi o mong wa ho hlwaya dibapadi. Bolo e kase dule e le karolo ya bophelo ba ka letsatsi le letsatsi,” ho realo Broos.
“Ke bile le puisano le modulasetulo wa papadi ya bolo Afrika Boroa. O batla ke tswelapele pele empa ka mosebetsi o fapaneng.”
Broos o tsibisa ha a tla kgutlela Afrika Boroa ho tlohela mosebetsi semmuso le ho sadisa bohle hantle.
“Mosadi wa ka o thabile hore ke ya tlohela empa o sentse a nkgalemetse hore rese qabane. Ke tla lokela hoba Afrika Boroa dibeke tse mmalwa hobane lapeng nka sebe le mosebetsi o mokalo.”
Mosebetsi wa ho hlwaya mokwetlisi ya tla hlahlama Broos o se o qadile. SAFA e tla tsibisitse ha e batla ho fumana motho yatla qala ka mosebetsi kgweding e tlang ho itukisetsa dipapadi tsa AFCON.
