
Broos o dumela ha Panama e bahlotse ka matla
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o dumetse ha naha ya Panama e hlotse sehlopha sa hae ka matla.
Broos o buile sena ka mora ho hlolwa lekgetlo la pele a bapalla lapeng jwalo ka mokwetlisi wa Afrika Boroa.
Panama, e hlotse Afrika Boroa ka 2 – 1 e bile e le papadi ya ho qetela ya tse pedi tsa setswalle ho itukisetsa mohope wa lefatshe.
Broos o hlalositse papadi e bile ya karolo tse pedi tse fapaneng bakeng sa sehlopha sa hae.
“Karolo ya pele e bile ntle, re bile le menyetla e meraro e totobetseng ya ho hlaba dintlha,” ho realo Broos.
Karolong ya bobedi Panama e kgutlile e le matla le hore hatella. Bane bana le matla le lebelo mme ra hlolwa ke ho bapala ka tsela ya rona.
Broos o boetse a dumela ha dipapadi le dihlopha tse tswang mabatoweng a fapaneng ditlisa phepetso e fapaneng.
“Ke buile pele ho dipapadi tsena hore e tlaba teko e ntle. Re ya tseba hore dipapadi tsa matjhabatjhaba hotswa dikontinenteng tse fapaneng dijwang.”
“Ke thabetse hore re bapetse le Panama, re lokela ho dumela hore hara hapa ka labohlano mme kajeno [31 March] Panama e hlotse.”
Tebello ke ho bona hore Afrika Boroa e tla kgona ho funama dipapadi tse kae pele mohope wa lefatshe o thakgoha le hore e tla bapala le dinaha tsa lebatowa le fe.
BALA HAPE: Christiansen ka Mofokeng: ke bokamoso bo botle ba Afrika Boroa
