Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

City e hlalosa lebaka la ho arohana le mokwetlisi Badela

Ka mora ho utlwahala ho sa phatlalatswang ke sehlopha ha karohano ya mokwetlisi le sehlopha, Durban City e ngotse molaetsa o nnetefatsang karohano eo.

City, e arohane le mokwetlisi Sinethemba Badela ka mora ho kena bokwetlisi ka kgwedi ya Tshitwe.

Sehlopha sena sa Durban, ke ditlabotjha ho Betway Premiership ka mora ho rengwa ke selepe le ho kgutla ba fetotse lebitso mme ba se ba arohane le bokwetlisi ba bararo sehleng sena.

Molaetseng wa bona, City e hlalositse ha maano a tshebetso a Badela, a batla a hloka nako e lelele ho ka kena tshebetsong mme sehlopha se hloka nako ya ho kenya maano a matjha tshebetsong.

“Ka mora ditekolo tsa ka hare ( comprehensive internal review) sehlopha se fihleletse qeto ya hore ho kenya maano/mahlale (philosophy) e ntjha ho kase kgonahale ho ipapisitswe le sehla se hodimo,” ho realo sehlopha.

Sehlopha se tswelapele ho hlalosa ha dipapadi tse setseng dile bohlokwa le hoba hlokolotsi mme dihloka motho ya nang le boiphihlelo.

City e hlalositse ha e tla tsibisa moifo wa nakwana wa bokwetlisi ka nako e kgutshwane mme boholo ba batho bo lepa ha Ernst Middendorp, e tlaba yena mokwetlisi jwalo ka ha a sentse a le ka hara sehlopha jwalo ka Sporting Director.

BALA HAPE: Durban City e tla arohana le mokwetlisi e mong hape