
Selekane sa SAFA le Le Coq se fihla pheletsong
Mokgatlo o tsamaisang papadi ya bolo ka hara Afrika Boroa SAFA, o hlalositse ha selekane sa bona sa dilemo le batshehetse ba diaparo (apparel) Le Coq Sportif, se fihla pheletsong.
SAFA le Le Coq, baile ba kena selekaneng sa dilemo tse hlano tse qadileng ka la 1 Phupjane 2020 mme se fihla pheletsong kgweding ya Tshitwe.
Batshehetse bana ba France, baile ba hlahlela le ho tsibisa ba tjhonne mathwasong a selemo se hodimo le ha bane bantse ba kene selekaneng le SAFA.
Selemo se fitileng ditshehollo dibile ngata ho Le Coq ho tswa ho ma’Afrika Boroa moo baneng ba hlalosa ha basa nke matsapa ho diaparo tsa sehlopha sa naha papisong le dihlopheng tse ding moo ba tshehetseng.
Hona selemong sena, ho ile hwa ipetsa menyenyetsi ya hore SAFA e sentse e fumana dikopo tsa ho tshehetsa sehlopha batshehetsing ba fapaneng ba diaparo ho kenyeletsa Adidas e neng e tsheheditse sehlopha ka 2010 mohopeng wa lefatshe.
Ha jwale ha hoso hlake hore ke mang ya tla tshehetsa sehlopha (Bafana Bafana) jwalo ka ha setla bapala mehope e mmedi e moholo lefatsheng (World Cup) le kontinenteng (AFCON) ka Tshitwe.
SAFA ka molomo wa CEO Lydia Monyepao, e lebohile Le Coq Sportif ka selekane sa bona sa dilemo.
“Re rata ho leboha Le Coq ka selekaneng sa bona mme re balakaletsa tse ntle tse molemong ho tsohle tseo badietsang,” ho realo Monyepao.
BALA HAPE: Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe
