Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e kena leetong ka pososelo

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns setla kena leetong la ho leba Mali ka pososelo difahlehong tsa bona.

Sena ka mora hkre sehlopha se hlole Marumo Gallants ka 3 – 1 papading e bapalletseng lebaleng la Loftus Versfeld bosiu ba labobedi.

Dintlha tsa Sundowns, dikene ka Siphosakhe Ntiya-Ntiya a itlhaba ka lerumo le Teboho Mokoena ya hlabileng dintlha tse pedi a hlaha bankeng.

Ntlha ya Gallants, e kene ka Ndabayithethwa Ndlondlo e le thaho ya mokoko karolong ya pele ya papadi.

Sundowns, e ne e qala ho hlola Gallants sehleng sena ka mora hore dibapale maleka a 1 – 1 leotong la pele, le hore Gallants e ba hlole mohopeng wa Carling Knockout.

Tlholo ena, e nka Sundowns le ho ba beha boemong ba pele ka dintlha tse 50 ka mora dipapadi tse 21 mme ba botsi sekgeo sa dintlha tse pedi kgahlano le Pirates.

Sehlopha se kene leetong ka mora papadi kgahlano le Gallants ho leba naheng ya Mali moo batla bapala leoto la bobedi la CAF Champions League.

Sundowns e monyetleng o moholo wa ho fetela pele jwalo ka ha e matha pele ka dintlha tse tharo ho noto (3 – 0).

Papadi ena e tla bapala ka moqebelo [21 Hlakubele] ka 18:00 ka nako ya Afrika Borwa.

BALA HAPE: Senegal e ke ke ya lalla kahlolo ya CAF ka mmele