Ditaba tsa moraoraoKrikete

Sebapadi Tazmin Brits o etsa nalane

Sebapadi sa Afrika Boroa papading ya krikete Tazmin Brits, o etsa nalane ka hoba mosadi wa pele selemong se hodimo ho etsa lekgolo molebe.

Brits ke sebapadi sa di’Proteas se otlang ka letsoho le letona e bile e le sebapadi se kenang se bula.

Sebapadi sena se dilemo di 34, se tswelapele ho ingola ka tlhaka tsa mollo ka mora ho etsa mematho e 101 papading ya bona le New Zealand.

Lekgolo la Brits, le bapetse karolo e kgolo ho lelekisrng mokokolotwane wa New Zealand wa 231. Afrika Boroa e hapile papadi eo ka wicket tse tsheletseng (6 wickets) ho tswile dibapadi tse nne.

Lekgolo lena ke la Brits la bone dipapading tse hlano ka tatellano, mme sena se moetsa mosadi wa pele selemong sena ho etsa lekgolo makgetlo a mane papading tsa di’ODI.

Brits o etsa nalane ena kgahlano le dihlopha tse nne tse fapaneng mme dibapading tse pedi, o qetile papadi a ntse a le ka lebaleng (not out) le lekgolo la hae.

Tebello ke hore Brits o tla tswelapele ka morethetho wa hae jwalo ka ha sehlopha setla nkana le sehlopha se matla sa India papading e latelang ya mohope wa lefatshe.

India e dihulang pele ka tlholo tse pedi ka mora dipapadi tse pedi. Papadi ena etla bapala ka la robong motsheare ka 11:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: Di’Proteas tsa basadi dilatswa tlholo ya pele