Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e etsa nalane ka ho hlola sehlopha sa Zambia

Sehlopha sa Kaizer Chiefs, se e ntse nalane ka ho hlolela ZESCO United lapeng papading ya CAF Confederation Cup.

Chiefs, e ne e etetse ZESCO ha e tla bahlola ka 1 – 0 lebaleng la Levy Mwanawasa toropong ya Ndola.

Ntlha ya Chiefs, e kene ka Pule Mmodi motsotsong wa bobedi wa papadi ka mora hore sehlopha se fumane huke mme bolo ya Flavio Silva e otle palo pele Mmodi e e beha ka hare.

Le ha mohlwa wa lebala o ne e se maemong a matle, Chiefs e tshwetse pele ho leka ho etsa menyetla karolong ya pele ya papading empa ba hlolwa ke ho e sebedisa.

Papading e lebile kgefutsong Chiefs e matha pele ka ntlha le ka menyetla e bile le yona e laolang boholo ba papadi.

Karolo ya bobedi ya papadi sekgahla sa papadi se bile fatshe mme dihlopha ka bobedi tsa etsa diphoso le ho fosa menyetla.

Sethibathibane sa Chiefs Brandon Petersen, o pholositse sehlopha motsotsong ya ho qetela ya papadi ha a ne a thiba ntlha e kabeng e lekatse le ho qeta papading ka maleka.

Chiefs e hlotse ZESCO lekgetlo la pele nalaneng ya yona ka mora ho kopana makgetlo a mabedi mme ZESCO e tse e feta fela kgahlano le Chiefs.

Tlholo ena e beha Chiefs dintlheng Tse nne ka mora dipapadi tse tharo. ZESCO, e tla e etela Chiefs mafelo a tlang a beke Afrika Boroa bakeng sa leoto la bobedi.

BALA HAPE: Dihlopha tsa Afrika Boroa dihlanaka ntwa ya kontinente