
Di’Proteas di bula sehla sa dipapadi ka tlholo
Sehlopha sa naha sa Di’Proteas, se qadile letoto la dipapadi tsa letsatsi ka leng [One Day International kapa ODI] ka noto e hodimo.
Sena ka mora hore sehlopha se hlole Australia ka mematho e 67 papading e bapalletseng lebaleng la Kingsmead, Durban.
Australia e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela e leng kgetho e kentseng Afrika Borwa tlasa kgatello.
Le ha hole jwalo, Matthew Breetzke [112] le Marco Jansen [75] ba e hlanakile senna ho thusa naha ho etsa mematho e 297 ho tswile dibapadi tse 8 [297/8].
Makenong a bona, Australia e kgonne fela ho etsa mematho e 230 dibapadi ditswile kaofela.
Corbin Bosch [2], Bjorn Fortuin [2] le Keshav Maharaj [4] ba hlokisitse Australia botsitso le ho e kenya tlasa kgatelo.
Breetzke, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora mematho e 112 e kgutlisitseng tshepo ya Afrika Borwa ya ho hlola papadi.
Afrika Borwa e itlhoma pele letotong la dipapadi tse tharo mme papadi ya bobedi e tla bapalla Johannesburg ka sontaha.
BALA: Miller o ntse a na le tabatabelo ya ho emela sehlopha sa naha
