
Khumalo o hlalosa bohlokwa ba Zwane sehlopheng sa naha
Sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana Doctor Khumalo, o bontshitse tshehetso ya hae qetong ya Pitso Mosimane ya ho hlwaya Themba Zwane.
Mosimane, o bitseditse Themba Zwane sehlopheng sa naha le ha e le hore sebapadi se ha seso fumane nako ya ho bapala sehlopheng sa Sundowns.
Qeto ena, e bakile ditaba dihana ho fela le ha Mosimane a bontshitse hore kgetho ya Zwane ke ho latela boiphihlelo, boitshwaro le boetapele ba hae sehlopheng.
Khumalo, o eme mantsweng a Mosimane le ho hatella hore hwa hlokahala hore sehlopha sebe le sebapadi se nang le boiphihlelo, boetapele le boitshwaro ho tataisa tse ding.
“Diphetoho tse ngata ka nako e le nngwe dibolaya sehlopha ke ka hoo ho hlokahalang motho ya nang le boiphihlelo,” ho realo Khumalo.
Khumalo o bontshitse ha Pitso a bitsitse dibapadi tse ngata tse nyane e leng se e tsang hore tataisa ya sebapadi se jwalo ka Zwane e hlokahale.
Sehlopha se ntse se ikwetlisetsa dipapadi tse tharo tseo batla dibapadi moo ya pele e qalang ka moqebelo.
BALA: TS Galaxy e tsomana le mokwetlisi ho nka marapo ho Parker
