Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ndlondlo o hlalosa karolo ya hae sehlopheng

Sebapadi sa Marumo Gallants sa hara mpa ya lebala Ndabayithethwa Ndlondlo, o re mokwetlisi wa hae o mofile mosebetse wa ho etella pele ka hare le ka ntle ho lebala.

Puisanong le lesedinyana la Lisenethini Ndlondlo o hlalositse ha a fuwe mosebetsi wa ho etella pele dibapadi tse nyane sehlopheng le ho bathusa ho tsepamisa maikutlo.

“Boholo ba dipapadi tsa rona ke tse nyane dilemong. Ba hloka tshehetso, haholo ka ntle ho lebala hobane ke moo ba lahlahelwang ke tsepamiso ya maikutlo,” ho realo Ndlondlo.

Ndlondlo o tswile tjaro ya mabonwa sehleng sena ka mora ho kgutlela ho Gallants ho tswa ho Pirates.

Mothongwa enwa wa kgau ya selemo ho CAF ka ntlha ya hae kgahlano le Uganda mohopeng wa CHAN, o hlalositse ha ho hapa mohope e le toro ya dibapadi tsohle.

“Moralo wa rona o hlakile, re batla ho hapa mohope ona. Ke toro ya sebapadi se seng le se seng ho bapala ho makgaolakgang.”

Ndlondlo, o se a kile a hapa mohope wa Nedbank le sehlopha sa Tshakhuma Tsha Madzivhandila FC ka 2020/21, a boela a o hapa hape e le sebapadi sa Orlando Pirates.

Sebapadi sena se hlalositse ha ba kgathetse ba bile bana le tshepo ya hore batla hapa kgahlano le sehlopha sa hae sa mehleng.

BALA HAPE:

Ndabayithethwa Ndlondlo o fetoha motho wa mantswe a hae

Ndlondlo o re Marumo Gallants e na le bokgoni