
Di’Proteas diqadile mohope wa lefatshe ka noto e hodimo
Sehlopha sa naha sa papadi ya krikete sa Di’Proteas, se qadile leeto la bona mohopeng wa lefatshe wa T20 ka noto e hodimo.
Afrika Boroa, e hlotse Canada ka mematho e 57 papading ya pele e bapalletseng lebaleng la Narendra Modi toropong ya Ahmedabad, India.
Canada e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela e le ha ba shebile maemo a lebala a fetohileng ha nako e ntse e tsamaya.
Mokaptene Aiden Markram (59) le Quinton de Kock (25) ba qadile hantle ho beha Canada tlasa kgatello pele de Kock a ketolwa.
Afrika Boroa e kgonne ho bokeletsa mematho e 213 ho tswile dibapadi tse 4 (213/4) mme Ryan Rickelton (33), David Miller (39*) le Tristan Stubbs (34*) ba bile le seabo ho aheleng Afrika Boroa sebota le ho thatafaletsa Canada.
Makenong a bobedi Canada e kene e le tlasa kgatello ka mora hore Lungisani Ngidi a ketole dibapadi tse nne ka potlako.
Kagiso Rabada (1), Corbin Bosch (1) le Marco Jansen (2), ba bile le letsoho ho ketolwe ha dibapadi tse 8 tsa Canada ka mematho e 156 (156/8).
Ngidi e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora ho ketola dibapadi tse nne di’ovareng tse nne tseo a akgetseng ka tsona.
Ha jwale sehlopha ke sona ka hodimo sehlotshwaneng sa D ka dintlha tse pedi mme papadi ya bona e latelang e tlaba kgahlano le naha ya Afghanistan ka laboraro.
Papadi ena e tla thakgoha hoseng ka 7:30 ka nako ya Afrika Boroa.
