Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sekepe sa City sentse se tetebela

Sehlopha sa Cape Town City se bonahala se le mathateng, se tswelapele ho tetebela ka hara mathata ka mora ho hlolwa papading ya hara beke.

City e hlotse ke Leicesterfield City ka ntlha ho noto (1 – 0) papading e bapalletseng lebaleng la Athlone ka laboraro motsheare.

Sehlopha sena sa Cape Town, hase so latswe tlholo sehleng sena ka mora dipapadi tse tsheletseng tseo ba seng ba dibapetse.

City e hapile papadi e leng dipapading tse 25 tseo ba seng ba dibapetse. Lekgetlo la ho qetela City e hlola papadi ke sehleng se fitileng ho Betway ha ne ba hlola Polokwane City ka ntlha tse pedi ho noto (2 – 0).

Ho utlwahala ha sehlopha sena sele mehlaleng ya mokwetlisi wa bona wa mehleng Andries Ulderink hotlo thusetsa jwalo ka ha kgomo e wetse.

Ulderink, o ile a arohana le sehlopha ha se teba mme eteng tsa hae hwa kena Jan Vreman eo a bonahalang a fellwa ke maqheka.

City e dutse boemong ba 14 ka mora dipapadi tse tsheletseng mme bana le dintlha tse tharo ka selataneng.

Papadi e latelang ya City e ka la 18 Mphalane kgahlano le Midlands Wanderers. Papadi ena e tla thakgoha ka 15:30 motsheare.

BALA HAPE: Cape Town City e sokola ho hapa ho Motsepe Foundation