Ditaba tsa moraoraoKrikete

Di’Proteas ditla qala dipapadi tsa boitukiso pele ho mohope wa lefatshe

Sehlopha sa naha papading ya krikete setla kena dipapading tse tharo tsa boitukiso kgahlano le West Indies.

Afrika Boroa, e tla amohela West Indie ka dipapadi tse tharo tsa mofuta o mokgutshwane wa papadi e le ho iktukisetsa dipapadi tsa mohope wa lefatshe kgwedi e tlang.

Tebello ke ho bona hore mokwetlisi Shukri Conrad, o tla sebedisa dibapadi tse tswang papading ya makgaolakgang e bileng dipakeng tsa Eastern Cape Sunrisers ke Pretoria Capitals.

Dibapadi tse fetang hlano tsa naha e bile karolo ya papadi eo ya makgaolakgang mme sebapadi se bitseditsweng morao sehlopheng sa naha Tristan Stubbs, e bile yena mokaptene wa mohlodi.

E nngwe ya dintho tse tla shejwa ka mahlo a tswileng dinameng ke boteng ba David Miller ya tlohetseng dipapadi tsa SA20 ka lebaka la kotsi.

Le ha ho tsibisitswe hore Miller a ke ke a bapala dipapading tsena, tebello ke ho bona e bang o tlaba teng le sehlopha jwalo ka ha a tla leba le sehlopha dipapading tsa mohope wa lefatshe.

Papadi ya pele ya tse tharo kgahlano le West Indies, e tla qala kajeno (Mantaha wa la 27 Pherekgong) mme e tla thakgoha ka 17:30 thapama.

BALA HAPE: Eastern Cape Sunrisers ke bompudi ba sehla sa bone