Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ndhlovu o re tseko ya Chiefs ka mohlwa ya fokola

Ka mora ditsheholo ka mohlwa oo Chiefs e bapalletseng ho ona mafelo a beke, mokwetlisi wa sehlopha sa ZESCO United, o arabetse ka hore bona ba tseba mohlwa wa bona.

Chiefs e ne e etetse Zambia ho thulana le ZESCO United moo e kgutlileng le dintlha tse tharo le ha maemo a mohlwa wa papadi o ne e o sa kgahlisi.

Mathews Ndhlovu, o hlalosi ha mohlwa oo o ne o sena letho le phoso jwalo ka ha bona e le sehlopha ba dula ba bapalla dipapadi tsa bona lebaleng leo.

“Ho bona ke lebaka fela la ho tletleba hobane rona hare fihla lebaleng la bona, re ke ke ra tletleba. Empa papadi ya bolo e bapalla e bapalla ka lebaleng,” ho realo Ndhlovu.

Chiefs e hlotse ZESCO ka 1 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Levy Mwanawasa mme Ndhlovu o hlalositse ha ba hlotswe ka lebaka la diphose e seng mohlwa.

“Re e ntse diphoso mme ba sebedisa monyetla. Hara tlosa bolo mme ba hlaba ntlha. Na mohlwa o etsisa diphoso?”

Chiefs e tla amohela ZESCO leotong la bobedi ka sontaha sa la pele Hlakola lebaleng la FNB.

Amakhosi, ba tlamehile maoto le matsoho ho hapa papadi ya ka sontaha hore ba be menyetleng ya ho phunyeletsa ho fetela pele.

BALA HAPE: Chiefs e etsa nalane ka ho hlola sehlopha sa Zambia