Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Nkota o fetwa ke monyetla wa ho leba mohopeng wa lefatshe

Sebapadi sa Al-Ettifaq Mohau Nkota, o tlodisitswe mahlo lenaneng la pele la dibapadi tseo mokwetlisi wa naha Hugo Broos a tla nyafa ho lona [Preliminary squad].

Nkota ya neng a na le toro ya ho leba mohopeng wa lefatshe, o ntse a sa fumane monyetla wa ho bapala sehlopheng sa hae sa Saudi Arabia.

Sebapadi sena sa ntshetso pele ya Orlando Pirates, haba le nako e monate dikgwedi tse fitileng moo leqeme la metsotso le mofitisitseng ka monyetla wa ho bapala dipapadi tse pedi tsa setswalle.

BALA: Baartman o bua ka kgatello e teng sehlopheng

Le ha lenane leo Broos a le bitsitseng e se la moshwelella, Nkota o hlotswe ke ho kena mabitsong a qalang jwalo ka ha le sehlopheng sa hae a ntse a tlodiswa mahlo.

Ho bile le menyenyetsi ya hore sebapadi sena setla fumana monyetla wa ho leba naheng ya Portugal ho sebetsa ka ntshetso pele ya hae le sehlopha sa Benfica le ha menyenyetsi eo e felletse moyeng.

Dibapadi tse ding tse fetoweng ke monyetla wa ho emela naha mohopeng o moholo papading ya bolo ke Gift Links, Mihlali Mayambela, Siyabonga Ngezana, Thembinkosi Lorch, Yanela Mbuthuma, Aden McCarthy, Grant Kekana, Keanu Cupido le Lebone Seema a ntseng a sebetsa hantle sehlopheng sa hae sa Pirates.

BALA: Broos o tsibisa dibapadi tseo a tla ngwatha ho tsona