Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Senegal o lemosa dihlopha ka Bafana Bafana

Mokwetlisi wa naha ya Senegal Pape Thiaw, o qhwaile dihlopha ka naha ya Afrika Boroa eo a dumelang ena le bokgoni empa e tlodiswa mahlo.

Thiaw o buile sena a ipapisitse le maikutlo a bahlophulli ba bolo ba tswelang pele ho tlodisa dinaha tse sebedisang dibapadi tse bapalang Afrika mahlo.

“Ke ntho e makatsang ho nna hore ditsibi ditlodisa Afrika Boroa mahlo dihlopheng tse ka hapang mohope,” ho realo Thiaw.

“Ba bapala bolo e ntle mme boholo ba dibapadi tsa bona dibapala dihlopheng tse tshwanang [Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates].”

Thiaw o hlalositse ha boholo ba batho ba tsepamisa maikutlo le ho sheba dibapadi tse bapallang mose ho mawatle, ba lebale tse bapalang Afrika le bokgoni ba tsona.

“Ka bomadimabe re beha tsepamiso ya rona dibapading tse bapalang mose le ho tlodisa mahlo tse bapalang Afrika.”

“Lekgetlo la ho qetela batswile borarong mme ba ka kgona ho etss seo le ho fihlela boemong boo hape.”

Mohopeng o fitileng, Afrika Boroa e hlotse dihlopha tse jwalo ka Morroco le Cape Verde ho fihla dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang pele ba hlolwa ke Nigeria.

Papading ya bona ya pele Afrika Boroa e tla thulang le Angola ka mantaha wa la 22 Tshitwe. Papadi ena etla thakgoha ka 19:00 ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: McKenzie o hlakisa taba ya meropotsa ya dibapadi pele ho AFCON