Ditaba tsa moraoraoKrikete

Di’Proteas tsa basadi dietsa nalane ka ho hlola England

Sehlopha sa naha sa basadi papading ya krikete, se entse nalane ka hoba sehlopha sa pele sa Afrika Boroa ho fihla dipapading tsa makgaolakgang a mohope wa lefatshe wa ODI.

Di’Proteas, dihlotse England papading e tlang pele ho makgaolakgang (semi-final ka mematho e 125 ho beheletsa sebaka dipapading tsa makgaolakgang lekgetlo la pele naleng ya sehlopha.

Afrika Boroa, e kene e le mafofotha ha e ne e busetsa molamu sefateng ka mora hore England e ba tlontlolle ha bohloko papading ya pele ya mohopeng wa lefatshe.

Mokaptene wa sehlopha Laura Wolvaardt, o e hlanakile sesadi ha a ne a etsa mematho e 169 le ho roba direkoto tse mmalwa.

Tazmin Brits (45), Marizanne Kapp (42), le Chloe Tyron (33*) ya qetileng papadi a ntse a le ka lebaleng, ba thusitse Afrika Boroa ho aha mokolokotwane wa mematho e 319 ho wele dibapadi tse 9 (319/9).

Kapp ya neng a tshesa bat, o kgutlile a le mobe le ka bolo ka mora ho ketola dibapadi tse hlano a le mong (five wickets hail).

Sune Luus, Nonkululeko Mlaba le Ayabonga Khaka, ba ketotse sepabadi ka seng motho ka mong ha Nadine De Klerk, a ketotse dibapadi tse pedi ho ntsha England ba dutse ho 194.

Mokaptane Wolvaardt, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora papadi e tswileng matsoho eo a e bapetseng ho thusa sehlopha sa hae.

Sehlopha setla kena papading ya makgaolakgang a boraro ka tatellano ka mora ho bapala makgaolakgang a T20 ka 2023 le 2024 ka ho fapana.

Afrika Boroa, e tla emela papadi dipakeng tsa Australia le India ho tseba hore batla kopana le mang ho makgaolakgang.

Papadi ya makgaolakgang e tla bapala ka sontaha sa la 02 Pudungwane ka 11:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: Di’Proteas dikokomala se maratswana nakwana