Ditaba tsa moraoraoKrikete

Laura Wolvaardt o roba direkoto ka 169 ya hae

Sebapadi sa Afrika Boroa Laura Wolvaardt, o robile direkoto tse mmalwa ha a ne a thusa Afrika Boroa ho fetela dipapading tsa makgaolakgang kgahlano le England.

Wolvaardt, o e ntse mematho e 169 ho tswa dibolong tse 143 pele a ketolwa di’ovareng tsa ho qetela tsa papadi.

Mematho ena ya Wolvaardt, e mo behile ka hodimo dipalopalong tse mmalwa tsa lefatshe papading ya basadi ya krikete.

Wolvaardt ke sebapadi sa pele sa mosadi sa Afrika Boroa, sebapadi se senyane dilemong (26), sebapadi sa bobedi sa mosadi lefatsheng (second fastest) ho etsa mematho e 5000 dipapading tsa di’ODI.

Mokaptene enwa wa di’Proteas, o e ntse lekgolo la hae la pele mohopeng wa lefatshe, lekgolo la hae la leshome dipapading tsa di’ODI.

Sebapadi sena se kena se bula, ke yena a itlhommeng pele ka ho etsa mematho 50+ e mengata (joint most 50+) mehopeng ya lefatshe ya basadi.

Jwalo ka sebapadi le moetapele, o se a fihlile dipapading tse mmalwa tsa makgaolakgang empa ke lekgetlo la pele a fihla le ho fihlisa naha ya Afrika Boroa ho makgaolakgang a mohope ya ODI.

Ha jwale Afrika Boroa e emetse ho tseba hore e tla thulana le mang papading ya makgaolakgang dipakeng tsa Australia le India.

Papadi ya makgaolakgang e tla bapala ka sontaha sa la 02 Pudungwane.

BALA HAPE: Di’Proteas tsa basadi dietsa nalane ka ho hlola England