
Broos o ntsha maikutlo ka ho fetolwa kgafetsa ha Pirates
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o ntshitse maikutlo ka ho fetolwa kgafetsa kgafetsa ha dibapadi tse qalang papading sehlopheng sa Orlando Pirates.
Broos o hlalositse ha a utlwisisa ho fetolwa kgafetsa ha dibapadi, empa seo, setla ama sehlopha sa naha ha nako e ntse e tsamaya.
“Ha ho bonolo ho thabisa bohle. Yena [Ouaddou], o lokela ho fetola sehlopha beke le beke ho kwala batho melomo,” ho realo Broos.
“Ke seo a se etsang. Ha jwale hase bothata empa hape, ha nako e ntse e tsamaya, ketla lokela ho nka qeto le ho bitsa dibapadi tse ding hobane tse ding disa fumane nako e lekaneng.”
Pirates, ke se seng sa dihlopha tseo Broos a nyafang boholo ba dibapadi ho sona. Sehlopha se kgona moo a kgonang ho bitsa dibapadi tse supa kaofela.
Broos o tswelapele ka ho hlalosa ha sena setla baka mathata bakeng sa dibapadi tse ding tsa naha.
“Sena ke bothatanyana. O lokela ho fetola dibapadi empa sena se hlalosa ha dibapadi tse ding tsa sehlopha sa naha ditla nka nako disa bapale.”
“Sena setlo nkwatisa hobane ke batla dibapadi tsa naha didule ntse dibapala.”
Broos o ameng le taba ya hore o se a tseba boholo ba dibapadi tseo a tla leba le tsona ho AFCON le ha e le hona a tla phatlalatsa sehlopha dibekeng tse tlang.
BALA HAPE: Broos o arabela ditshehollo ka mora ho kgetha sehlopha
