
Naha ya Mexico e qala boikwetliso ba mohope wa lefatshe
Naha e tla amohela baeti mohopeng wa lefatshe ka kopanelo ya Mexico, e qadile ka boitukisetso ba yona ba mohope wa lefatshe.
Mexico e tla amohela baeti ka kopanelo le America le Canada mohopeng o atolositsweng wa lefatshe kgwedi e tlang.
Hoya ka mokwetlisi wa sehlopha sa naha Javier Aguirre, boikwetliso ba sehlopha bo qadile ka laboraro jwalo ka ha sehlopha sene se tshwere seboka sa boraditaba.
“Dilemong tse 40, ke qala ho bona thabo e kana bathong. Ke qala ho bona hohle ho tletse dipampire tse buang ka mohopeng wa lefatshe. Ho utlwahale moya wa mohope wa lefatshe,” ho realo Aguirre.
BALA HAPE: Ben Youssef o lomahantse meno hore dibapadi tsa hae dilokela ho bitswa sehlopheng sa naha
Aguirre o hlalositse ha ho bapalla lapeng, ho fapane le dinako tse fitileng moo baneng ba bapalla dinaheng tse ding.
“Re lebile Qatar, Afrika Boroa le Russia empa ho bapalla kwano lapeng e tlaba ntho e ke keng ya lebaleha.”
Mexico e tla nkana le Afrika Boroa papading ya pula madiboho fela jwalo ka mohopeng wa lefatshe ka 2010 ha Afrika Boroa e ne e amohetse baeti.
BALA HAPE: Sebapadi sa Chiefs setla feta dithipeng le ho fetwa ke dipapadi
