Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Dithejane o kgotsofatsa mokwetlisi ka papadi ya hae

Mokwetlisi wa sehlopha sa Mbekezeli Mbokazi le Puso Dithejane sa Chicago Fire, o kgotsofaditswe ke mmapalo wa Dithejane ha sehlopha sene se hlola papadi mafelo a fitileng a beke.

Chicago Fire, e hlotse Sporting Kansas City ka 5 – 0 papading eo Dithejane a bileng le seabo ho yona mme Mbokazi e ne e se karolo ya sehlopha.

Ha a hlalosa papadi ya Dithejane, Gregg Berhalter o hlalositse ha Dithejane a bapetse karolo e kgolo le ho thuseng sehlopha ho tshireletsa.

“Ke dumela ha a bapetse hantle. Ha ho bonolo ho dibapadi ho bapala papadi tsa bona tsa pele sehlopheng empa yena o re file tsohle,” go realo Berhalter.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Sundowns o seboko ka lebala la Seshego

“O bapetse hantle tshireletsong le ditlhaselong (one-v-one) mme o bonahala a ntse a fumana morethetho. O bontsha hore ke sebapadi setlo bapala karolo e kgolo sehlopheng sehleng sena.”

Berhalter o hlalositse ha batla sebetsa le Dithejane hoba maemong a sehlopha se mohlokang ho ona le ho molokisetsa dipapadi tse latelang.

“Ntho ya bohlokwa ho rona ke ho tswelapele ho sebetsa le yena mme ke rata botho ba hae le kelello ya hae.”

Sehlopha se dutseng boemong ba boraro ka tlasa Inter Miami ya Lionel Messi ho MLS ka mora dipapadi tse 9 moo ba hapileng tse 5, ba bapala maleka dipapading tse 2 le ho lahlehelwa dipapading tse pedi.

Papading e latelang ke moo sehlopha setla tobana le sehlopha sa Njabulo Blom sa mehleng (St Louis) mesong ya labone.

BALA HAPE: Baroka e rengwa ke selepe se lebisang ho ABC Motsepe League